LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Baahlodi 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Eaba Gideone o re ho lona: “Ntšoarele, moren ’a ka, empa haeba Jehova o na le rōna, joale ke hobane’ng ha sena sohle se re etsahaletse,+ ’me liketso tsohle tsa hae tse hlollang+ li hokae tseo bo-ntat’a rōna ba re phetetseng tsona,+ ba re, ‘Na Jehova ha aa re ntša Egepeta?’+ Joale Jehova o re tlohetse,+ ’me o nehelane ka rōna seatleng sa Bamidiane.”

  • Nehemia 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Joale ua fana ka lipontšo le mehlolo khahlanong le Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ea hae,+ kaha u ne u tseba hore ba ile ba iketelletsa pele+ khahlanong le bona; eaba u iketsetsa lebitso+ joaloka letsatsing lena.

  • Pesaleme 44:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Molimo, re utloile ka litsebe tsa rōna,

      Baholo-holo ba rōna ba re phetetse+

      Mosebetsi oo u ileng ua o etsa matsatsing a bona,+

      Matsatsing a khale.+

  • Pesaleme 106:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Mesebetsi e hlollang naheng ea Kama,+

      Lintho tse tšabehang Leoatleng le Lefubelu.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share