20 Hopolang lentsoe leo ke ileng ka le bolella lona, Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa;+ haeba ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna.
21 Ha e le hantle, le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna,+ a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.+
23 Ha a ne a ntse a hlapaoloa,+ ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.+ Ha a ne a utloa bohloko,+ ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea+ ahlolang ka ho loka.