8 O tla metsa lefu ka ho sa feleng,+ ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+ O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle,+ etsoe Jehova o boletse hoo.
19 Ha batho ba leng Sione+ ba lula Jerusalema,+ ho hang u ke ke ua lla.+ Ruri o tla u bontša mohau ha mohoo oa hao o utloahala; hang ha a o utloa o tla u araba.+
10 Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla+ ’me ka sebele ba tle Sione ka mohoo oa thabo;+ thabo ho isa nakong e sa lekanyetsoang e tla ba lihloohong tsa bona.+ Ba tla fihlela thabo e khaphatsehang le nyakallo, mesarelo le ho feheloa li tla baleha.+