3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+
16 Ho tla ba le tsela+ e khōlō Assyria bakeng sa masala+ a batho ba hae a tla sala,+ feela joalokaha e ile ea e-ba teng bakeng sa Iseraele letsatsing la ha e tsoa naheng ea Egepeta.
4 “Phahamisetsa mahlo a hao ka hohle ’me u bone! Kaofela ha bona ba phuthehile;+ ba tlile ho uena.+ Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hōle, le barali ba hao ba tlang ho hlokomeloa ba le lehlakoreng.+
31 O tla romela mangeloi a hae ka molumo+ o moholo oa terompeta, ’me a tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho isa pheletsong e ’ngoe ea ’ona.