-
Jobo 31:25Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
25 Haeba ke ne ke thaba kahobane thepa ea ka e le ngata,+
Le kahobane letsoho la ka le ne le fumane lintho tse ngata;+
-
Habakuke 2:5Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
5 Ka sebele, kahobane veine e sebetsa ka bolotsana, monna ea shahlileng o ikhopola ho tlōla;+ ’me a ke ke a finyella pakane ea hae, ea entseng hore moea oa hae o be moholo feela joaloka Sheole, le ea joaloka lefu ’me a ke ke a khotsofala.+ O ntse a ipokellela lichaba tsohle le ho phuthela ho eena lichaba tsohle.+
-
-
-