31 Joale Davida a re ho Joabe le batho bohle ba neng ba e-na le eena: “Haholang+ liaparo tsa lōna le itlame ka lesela la mokotla+ ’me le bokolle ka pel’a Abnere.” Esita le Morena Davida o ne a tsamaea ka mor’a setulo se kang bethe.
30 Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a mosali eo, kapele-pele a hahola+ liaparo tsa hae; ha a feta holim ’a lerako, batho ba talima, ’me, bonang! o ne a apere lesela la mokotla ka hare nameng.
21 “Ho malimabe uena, Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida!+ hobane haeba mesebetsi e matla e ileng ea etsahala ho lōna e ne e etsahetse Tyre le Sidone, e ka be e le khale li bakile li apere lesela la mokotla ’me li le moloreng.+