25 “Haeba u kena har’a lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng tsa oa heno, ka letsoho la hao u khe feela liqoapi tse butsoitseng, empa u se ke ua hela ka sekele lijo-thollo tsa oa heno tse ntseng li le mahlakeng.+
22 “E-re, ‘Sena ke seo Jehova a se bolelang: “Litopo tsa moloko oa batho li tla oa joaloka moiteli tšimong le joaloka lijo-thollo tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko ka mor’a mokotuli, ho se ea bokellang.”’”+
13 “Akhelang sekele, kaha lijalo li butsoitse.+ Tloong, theohang, kaha sehatelo sa veine se tletse.+ Likhakeletsi tsa lihatelo lia khaphatseha; kaha bobe ba bona bo bongata.+