19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+
25 Ke nyopisa lipontšo tsa ba buang lefeela, ’me ke ’na Ea etsang hore linohe li etse ka bohlanya;+ Ea khutlisetsang banna ba bohlale morao, le Ea fetolang tsebo ea bona booatla;+
16 Eare ha re ntse re e-ea sebakeng sa thapelo, lekhabunyane le itseng le nang le moea,+ modemona oa bonohe,+ la re khahlanyetsa. Le ne le ruisa+ beng ba lona haholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.