10 A etsa hore Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e be e sa tšoaneleng borapeli, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong+ ho Moloke.+
33 Etsoe Tofethe+ ea hae e behiloe ka tlhophiso ho tloha nakong e sa tsoa feta; hape e lokiselitsoe morena.+ O tebisitse qubu ea eona. Mollo le patsi li ngata. Phefumoloho ea Jehova, joaloka molapo o phoroselang oa sebabole, e tuka khahlanong le eona.+
32 “‘Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘ao ka ’ona ho ke keng ha hlola ho thoe ke Tofethe le phula ea bara ba Hinome, empa ho tla thoe ke phula ea polao;+ ’me ba tla lokela ho pata Tofethe kahobane ho se na sebaka se lekaneng.+