LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 19:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 U se ke ua etsetsa oa heno bolotsana, ’me u se ke ua tlatlapa. Moputso oa mosebetsi ea hiriloeng ha oa lokela ho lula bosiu bohle ho uena ho fihlela hoseng.+

  • Deuteronoma 24:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “U se ke ua etsa bolotsana ho mosebetsi ea hiriloeng ea khathatsong le ea futsanehileng, ebang ke oa barab’eno kapa oa bajaki ba leng naheng ea heno, ka har’a liheke tsa hao.+

  • Mikea 3:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 ba hahang Sione ka liketso tsa tšollo ea mali le Jerusalema ka ho se loke.+

  • Habakuke 2:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “‘Ho malimabe ea fumanang phaello ea bobe bakeng sa ntlo ea hae,+ e le hore a ka beha sehlaha sa hae moo ho phahameng, e le hore a lopolloe ho tsepareloeng ke tlokotsi!+

  • Habakuke 2:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “‘Ho malimabe ea hahang motse ka tšollo ea mali, le eo ka ho se loke a tiisitseng motse ka mokhoa o tsepameng!+

  • Malakia 3:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Ke tla atamela haufi le lōna bakeng sa kahlolo,+ ’me ke tla ba paki e potlakang+ khahlanong le baloi, le khahlanong le bafebi,+ le khahlanong le ba hlapanyang ka bohata,+ le khahlanong le ba etsang bolotsana ka moputso oa ea sebeletsang moputso,+ ka mohlolohali+ le ka moshanyana ea se nang ntate,+ le ba lelekang mojaki,+ empa ba sa ka ba ntšaba,” ho boletse Jehova oa mabotho.

  • Jakobo 5:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Bonang! Moputso o loketseng basebetsi ba kotutseng masimo a lōna empa oo le o tšoereng,+ o ntse o hoeletsa,+ ’me mehoo ea bakotuli e kōpang thuso+ e kene litsebeng+ tsa Jehova oa mabotho.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share