7 Nka u tšoarela joang ka ntho ee? Bara ba hao ba ntlohetse, ’me ba ntse ba hlapanya+ ka seo e seng Molimo.+ Ka ’na ka ba khotsofatsa,+ empa ba tsoela pele ho feba,+ ’me ba ea ntlong ea mosali oa letekatse ka lihlopha.
11 Monna o entse ntho e manyala le mosali oa motsoalle oa hae,+ ’me monna o silafalitse ngoetsi ea hae ka boitšoaro bo hlephileng;+ monna o tlotlolotse khaitseli ea hae, morali oa ntat’ae ho uena.+
2 Ho hlahile ho phatlalatsa bomalimabe+ le thetso+ le ho bolaea+ le ho utsoa le ho feba,+ ’me liketso tsa tšollo ea mali li amile liketso tse ling tsa tšollo ea mali.+