14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+
15 Moprofeta Jeremia a tsoela pele ho re ho moprofeta Hanania:+ “Ka kōpo, mamela, Uena Hanania! Jehova ha aa u roma, empa u entse hore sechaba sena se tšepe leshano.+
3 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho malimabe baprofeta ba hlokang kelello, ba latelang meea ea bona,+ le hoja ho se letho leo ba le boneng!+
28 Baprofeta ba eona ba li litse ka sesoeufatsi,+ ba bona ntho eo e seng ea sebele+ ’me ba ba nohela leshano,+ ba re: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng,” le hoja Jehova a sa bua.