27 Bonang! Lebitso la Jehova le tla le tsoa hōle, le tuka ke bohale+ ba hae ’me le na le maru a teteaneng. Ha e le molomo oa hae, o tletse nyatso, ’me leleme la hae le tšoana le mollo o timetsang.+
14 Ka hona sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho, a se boletseng: “Ka lebaka la hore le bua ntho ena, bonang! ke etsa hore mantsoe a ka e be mollo melomong ea lōna,+ ’me sechaba sena e tla ba likotoana tsa patsi, ’me ka sebele o tla se timetsa.”+
9 Ka re: “Nke ke ka bua ka eena, ’me ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.”+ Ka pelong ea ka la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka; ka khathala ke ho le tiisetsa, ’me ke ne ke sa khone ho le mamella.+