15 Etlare ka mor’a hore ke ba fothole ka sebele ke tla ba hauhela+ ’me ke ba khutlisetse, e mong le e mong lefeng la hae le e mong le e mong tšimong ea hae.”+
3 “Ke tla bokella masala a linku tsa ka linaheng tsohle tseo ke li qhalakanyelitseng ho tsona,+ ’me ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona,+ ’me ka sebele li tla ata li ngatafale.+
10 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tumellanong le ho phethahala ha lilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna,+ ’me ke tla tiisa lentsoe la ka le molemo ho lōna ka ho le khutlisetsa sebakeng sena.’+