6 Jehova Molimo oa hao o tla lokela ho bolotsa pelo+ ea hao le pelo ea bana ba hao,+ e le hore u ka rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle ka lebaka la bophelo ba hao.+
33 “Etsoe sena ke selekane+ seo ke tla se hlaba le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona,+ ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”+
19 Ke tla ba fa pelo e le ’ngoe,+ ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho bona;+ ka sebele ke tla tlosa pelo ea lejoe nameng ea bona+ ’me ke ba fe pelo ea nama,+