-
Jeremia 25:9Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
9 bonang! kea romeletsa ’me ke tla nka malapa ’ohle a leboea,”+ ho bolela Jehova, “ke romeletse ho Nebukadrezare morena oa Babylona, mohlanka+ oa ka, ’me ke tla ba tlisa khahlanong le naha+ ena le khahlanong le baahi ba eona le khahlanong le lichaba tsena tsohle tse potolohileng;+ ke tla ba nehela timetso ’me ke ba etse ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi+ le libaka tse ripitliloeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
-
-
Jeremia 43:10Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
10 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Bona! kea romeletsa ’me ke tla nka Nebukadrezare morena oa Babylona,+ mohlanka oa ka,+ ke tla beha terone ea hae holim ’a majoe ana ao ke a patileng, ’me ka sebele o tla otlolla tente ea hae ea bophahamo holim ’a ’ona.
-
-
Ezekiele 29:18Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
18 “Mor’a motho, Nebukadrezare,+ morena oa Babylona, o entse hore lebotho la hae la sesole le etse tšebeletso e khōlō khahlanong le Tyre.+ Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoe lefatla, ’me lehetla le leng le le leng le phumohile.+ Empa ha e le moputso,+ ha oa ka oa e-ba teng bakeng sa hae le lebotho la hae la sesole le tsoang Tyre bakeng sa tšebeletso eo a e entseng khahlanong le eona.
-