14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+
15 Moprofeta Jeremia a tsoela pele ho re ho moprofeta Hanania:+ “Ka kōpo, mamela, Uena Hanania! Jehova ha aa u roma, empa u entse hore sechaba sena se tšepe leshano.+
8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Baprofeta ba lōna ba har’a lōna le linohe tsa lōna li se ke tsa le thetsa,+ ’me le se ke la mamela litoro tsa tsona tseo li li lorang.+
6 “Ba bone seo e seng ’nete le bonohe ba leshano,+ ba reng, ‘Se boleloang ke Jehova ke hore,’ le hoja Jehova a sa ba roma, ’me ba letetse hore lentsoe le phethahale.+