LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 24:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 A isa kholehong+ Jerusalema eohle le likhosana+ tsohle le banna bohle ba sebete, ba matla+—o ile a isa ba likete tse leshome kholehong—le setsebi+ se seng le se seng sa mesebetsi ea matsoho le sehahi sa lerako la tšireletso. Ha ho le ea mong ea neng a siiloe haese sehlopha+ se tlaase sa batho ba naha.

  • Jeremia 24:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Jehova a mpontša, ’me bonang! libaskete tse peli tsa lifeiga tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova, ka mor’a hore Nebukadrezare morena oa Babylona a ise kholehong Jekonia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, le likhosana tsa Juda le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho+ le lihahi tsa lerako la tšireletso, ho tsoa Jerusalema e le hore a ka ba isa Babylona.+

  • Jeremia 29:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ana ke mantsoe a lengolo leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela le tsoa Jerusalema le e-ea ho masala a banna ba baholo ba batho ba isitsoeng kholehong le ho baprista le ho baprofeta le ho batho bohle, bao Nebukadnezare a neng a ba isitse kholehong Babylona ba tloha Jerusalema,+

  • Daniele 1:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Joale morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong+ a tlise ba bang ba bara ba Iseraele le bana ba lesika la borena le ba marena,+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share