8 Ke tla ba hloekisa liphosong tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona,+ ke tla tšoarela liphoso tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona le tseo ba nketselitseng tlōlo ka tsona.+
20 “Matsatsing ao le ka nako eo,”+ ho bolela Jehova, “phoso ea Iseraele e tla batloa,+ empa e ke ke ea e-ba teng; libe tsa Juda li tla batloa,+ empa li ke ke tsa fumanoa, etsoe ke tla tšoarela bao ke ba sieang.”+
18 Ke mang Molimo ea kang uena,+ ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo+ ea masala a lefa la hae?+ Ka sebele a ke ke a tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.+
15 Kahoo ke ka lebaka leo e leng mokena-lipakeng+ oa selekane se secha, e le hore, kahobane lefu le bile teng hore ba lokolloe ka thekollo+ litlōlong tlas’a selekane+ sa pele, ba bitsitsoeng ba ka amohela tšepiso ea lefa le sa feleng.