LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 17:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ba ’na ba tlohela litaelo+ tsohle tsa Jehova Molimo oa bona ’me ba iketsetsa liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa, manamane+ a mabeli, ’me ba etsa palo e halalelang,+ eaba ba qala ho inamela makhotla ’ohle a maholimo+ le ho sebeletsa Baale;+

  • Jeremia 7:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Bara ba roalla patsi, bo-ntate ba besa mollo, ’me basali ba luba hlama e le hore ba etsetse ‘mofumahali oa maholimo’ mahobe a sehlabelo;+ ’me ho tšolloa linyehelo tsa seno+ bakeng sa melimo e meng ka morero oa ho ntšiteloa.+

  • Jeremia 19:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba joaloka sebaka sa Tofethe,+ a sa hloekang, ke hore, matlo ’ohle ao marulelong a ’ona ba ileng ba etsetsa makhotla ’ohle a maholimo+ mosi oa sehlabelo ’me ba tšollela melimo e meng nyehelo ea seno.’”+

  • Jeremia 44:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ha e le lōna banna le basali ba lōna,+ lōna basali le bua ka melomo, (’me le phethahalitse ka matsoho,) le re: “Ruri re tla phetha boitlamo ba rōna boo re itlammeng+ ka bona, ba ho etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa seno.”+ Lōna basali ruri le tla phetha boitlamo ba lōna, ’me ruri le tla etsa boitlamo ba lōna.’

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share