16 Ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lerōle la lefatše, hoo haeba motho a ka khona ho bala lerōle la lefatše, le peō ea hao a ka khonang ho e bala.+
5 Joale a mo ntšetsa ka ntle ’me a re: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala.”+ Eaba o tsoela pele ho re ho eena: “Peō ea hao e tla ba joalo.”+
17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle;+ ’me peō ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona.+
37 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “‘Haeba maholimo a holimo a ne a ka lekanngoa ’me metheo ea lefatše e tlaase e ne e ka batlisisoa,+ le ’na ke ne nka lahla peō eohle ea Iseraele ka lebaka la sohle seo e se entseng,’+ ho bolela Jehova.”
12 Kahoo hape ka monna a le mong,+ le eena ho tšoana leha a shoele, ho ile ha tsoaloa bana feela joalokaha eka ke linaleli tsa leholimo ka bongata le joaloka lehlabathe le mathōkong a leoatle, ba se nang palo.+