14Etsoe Jehova o tla bontša Jakobo mohau,+ ’me o sa ntse a tla khetha Baiseraele; o tla ba fa phomolo naheng ea bona,+ ’me mojaki o tla kopanngoa le bona, ’me ba ikamahanye le ntlo ea Jakobo.+
20 “Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato?+ Etsoe ka tekanyo eo ke buileng khahlanong le eena ka eona ruri ke tla mo hopola ka ho eketsehileng.+ Ke ka lebaka leo mala a ka a lubehileng ka lebaka la hae.+ Ruri ke tla mo hauhela,”+ ho bolela Jehova.
7 Empa ke tla bontša mohau ho ba ntlo ea Juda,+ ’me ke tla ba pholosa ka Jehova Molimo oa bona;+ empa nke ke ka ba pholosa ka seqha kapa ka sabole kapa ka ntoa, ka lipere kapa ka banna ba lipere.”+