LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 21:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “‘“Ka mor’a moo,” ho bolela Jehova, “Tsedekia morena oa Juda le bahlanka ba hae le sechaba le ba phonyohileng lefung la seoa, saboleng le tlaleng motseng ona, ke tla nehelana ka bona letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, esita le matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona, ’me ka sebele o tla ba bolaea ka bohale ba sabole.+ A ke ke a ba utloela bohloko, leha e le ho bontša qenehelo kapa ho ba le mohau leha e le ofe.”’+

  • Jeremia 24:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “‘Joaloka lifeiga tse mpe tse ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona,+ sena ha e le hantle ke seo Jehova a se boletseng: “Kahoo ke tla nehelana ka Tsedekia+ morena oa Juda le likhosana tsa hae le masala a Jerusalema a setseng naheng+ ena le ba lulang naheng ea Egepeta+—

  • Jeremia 34:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ke tla nehelana ka Tsedekia morena oa Juda+ le likhosana tsa hae matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona le matsohong a mabotho a sesole a morena oa Babylona+ a ikhulang hore a se ke a le hlasela.’+

  • Ezekiele 12:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka sebele ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona, naheng ea Bakalde,+ empa a ke ke a e bona; ’me o tla shoela moo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share