LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 32:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Etsoe Jehova o tla ahlola batho ba hae+

      ’Me o tla ikutloa a soabile ka bahlanka ba hae,+

      Hobane o tla bona hore setšehetso se nyametse

      ’Me ho teng feela ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa.

  • Jeremia 18:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 ’me sechaba seo se furalla bobe ba sona boo ke buileng ka bona,+ ke tla ikutloa ke soabile ka lebaka la tlokotsi eo ke neng ke nahanne ho e phethisa holim ’a sona.+

  • Jeremia 26:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Na Ezekiase morena oa Juda le bohle ba Juda ba ile ba mo bolaea ka mokhoa leha e le ofe? Na o ne a sa tšabe Jehova ’me a nolofatsa sefahleho sa Jehova, hoo Jehova a ileng a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a e buile khahlanong le bona?+ Kahoo re ipakela tlokotsi e khōlō khahlanong le meea ea rōna.+

  • Mikea 7:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ke mang Molimo ea kang uena,+ ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo+ ea masala a lefa la hae?+ Ka sebele a ke ke a tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share