LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 25:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo+ ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo ea monna e mong le e mong e moholo a e chesa ka mollo.+

  • Jeremia 7:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena, molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+

  • Jeremia 39:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Bakalde ba chesa ntlo ea morena le matlo a sechaba ka mollo,+ ’me ba heletsa marako a Jerusalema.+

  • Jeremia 52:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Qetellong ka selemo sa borobong e le morena,+ ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome la khoeli, Nebukadrezare morena oa Babylona eena le lebotho lohle la hae la sesole, a futuhela Jerusalema,+ eaba ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona le ho haha lerako le e thibellang ho pota-pota ka hohle.+

  • Nahume 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ke mang ea ka emang ha a tobane le nyatso ea hae?+ Ke mang ea ka emang khahlanong le bohale ba hae bo tukang?+

      Ka sebele khalefo ea hae e tla tšolloa joaloka mollo, ’me mafika a tla heletsoa ka lebaka la hae.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share