LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 28:52
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 52 Se tla u lika-liketsa ka har’a liheke tsohle tsa hao ho fihlela marako a hao a phahameng le a etselitsoeng liqhobosheane ao le a tšepileng a oela naheng eohle ea hao, e, ka sebele se tla u lika-liketsa ka har’a liheke tsohle tsa hao naheng eohle ea hao, eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+

  • Jeremia 4:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 E, e boleleng lichabeng. E phatlalatseng khahlanong le Jerusalema.”

      “Balebeli ba tsoa naheng e hōle,+ ’me ba tla hoeletsa ka mantsoe a bona khahlanong le metse ea Juda.

  • Jeremia 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe;+ ’me metse ea Juda ke tla e etsa lesupi, e hloke baahi.+

  • Jeremia 33:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Sebakeng sena seo le tla re ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuoang, metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse entsoeng lesupi+ le se nang motho le le se nang moahi le le se nang phoofolo e ruuoang, ho sa ntse ho tla utloahala+

  • Jeremia 34:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 “‘Bonang! kea laela,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa motseng ona,+ ’me ba tla o loantša ’me ba o hape ’me ba o chese ka mollo;+ ’me ke tla etsa metse ea Juda lesupi le se nang moahi.’”+

  • Jeremia 44:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Kahoo khalefo ea ka, le bohale ba ka, bo ile ba tšoloha ’me ba chesa metse ea Juda le literata tsa Jerusalema;+ ’me ea fetoha sebaka se ripitliloeng, lesupi, joaloka letsatsing lena.’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share