9 Ke ka lebaka leo ke tla lla sello sa Jazere ka lebaka la sefate sa morara sa Sibma.+ Ke tla u kolobisa ka meokho, Uena Heshbone+ le Eleale,+ kahobane ho hooa ka lebaka la lehlabula la hao le ka lebaka la kotulo ea hao ho hlahile.+
8 Motlatlapi o tla kena motseng o mong le o mong,+ ’me ha ho na motse o tla phonyoha.+ Ka sebele khohlo e tla senyeha le naha e motsitsa e felisoe, ntho eo Jehova a e boletseng.