6 “Balehang Babylona,+ ’me e mong le e mong a pholose moea oa hae. Le se ke la fetoha ba sa pheleng ka lebaka la phoso ea eona.+ Etsoe ke nako ea phetetso ea Jehova.+ Ho na le tšoaro eo a e buseletsang ho eona.+
11 “Leotsang marumo.+ Tlatsang lithebe tse chitja. Jehova o tsositse moea oa marena a Bamede,+ hobane khopolo ea hae e khahlanong le Babylona,+ e le hore a e felise. Etsoe ke phetetso ea Jehova, phetetso bakeng sa tempele ea hae.+