16 Ho tla ba le tsela+ e khōlō Assyria bakeng sa masala+ a batho ba hae a tla sala,+ feela joalokaha e ile ea e-ba teng bakeng sa Iseraele letsatsing la ha e tsoa naheng ea Egepeta.
10 Sharone+ e tla fetoha lekhulo bakeng sa linku+ ’me khohlo ea Akore+ e fetohe sebaka sa phomolo bakeng sa likhomo, bakeng sa batho ba ka ba tla beng ba mpatlile.+
3 “Ke tla bokella masala a linku tsa ka linaheng tsohle tseo ke li qhalakanyelitseng ho tsona,+ ’me ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona,+ ’me ka sebele li tla ata li ngatafale.+
12 “‘Ka sebele ke tla bokella Jakobo, kaofela ha lōna;+ ruri ke tla phutha ba setseng ba Iseraele.+ Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng, joaloka mohlape o leng har’a lekhulo la oona;+ moo ho tla tlala lerata la batho.’+