24 Jehova oa mabotho o hlapantse,+ a re: “Ka sebele feela joalokaha ke rerile, ho tla etsahala; ’me feela joalokaha ke rerile, ke sona se tla phethahala,+
10 Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong,+ le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe;+ Ea reng, ‘Morero oa ka o tla ema o tiile,+ ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang’;+
11 “Leotsang marumo.+ Tlatsang lithebe tse chitja. Jehova o tsositse moea oa marena a Bamede,+ hobane khopolo ea hae e khahlanong le Babylona,+ e le hore a e felise. Etsoe ke phetetso ea Jehova, phetetso bakeng sa tempele ea hae.+