13 Ka lebaka la khalefo ea Jehova e ke ke ea e-ba le baahi, ’me kaofela ha eona e tla fetoha lesupi.+ Ha e le mang kapa mang ea fetang Babylona, o tla sheba ka ho makala ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa eona.+
39 Ka hona baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla lula le liphoofolo tse llang, ’me limpshe li tla lula ho eona;+ ha ho sa tla hlola ho luloa ho eona, kapa e be le baahi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”+
40 “Feela joalokaha Molimo a ile a liha Sodoma le Gomora+ le metse ea boahelani,”+ ho bolela Jehova, “ha ho na motho ea tla lula teng, kapa hona hore mora oa moloko oa batho a lule teng e le mojaki.+