46Bele+ e khumame,+ Nebo e kotlobane; litšoantšo+ tsa tsona tse rapeloang li fetohile tsa libata le liphoofolo tse ruuoang, mejaro ea tsona, thōtō e litsekana, li fetohile moroalo oa liphoofolo tse khathetseng.
2 “Le boleleng har’a lichaba ’me le le phatlalatse.+ Phahamisang pontšo;+ e phatlalatseng. Le se ke la pata letho. E-reng, ‘Babylona e hapuoe.+ Bele o hlabisitsoe lihlong.+ Merodake o tšohile. Litšoantšo tsa eona li hlabisitsoe lihlong.+ Litšoantšo tsa eona tse rapeloang tse nyonyehang li tšohile.’
47 Ka hona, bonang! matsatsi aa tla, ’me ke tla lebisa tlhokomelo ea ka litšoantšong tse betliloeng tsa Babylona;+ naha eohle ea eona e tla hlajoa ke lihlong, ’me bohle ba eona ba bolailoeng ba tla oa bohareng ba eona.+