LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Marena 9:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ntlo ena e tla fetoha liqubu tsa lithako.+ E mong le e mong ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala ’me ka sebele o tla letsa mololi a re, ‘Ke ka lebaka la’ng ha Jehova a entse joalo naheng ee le ntlong ee?’+

  • 2 Marena 25:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo+ ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo ea monna e mong le e mong e moholo a e chesa ka mollo.+

  • Pesaleme 74:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Bona, esita le bana ba bona, ka lipelong tsa bona ba itse hammoho:

      “Libaka tsohle tsa pokano tsa Molimo li tla chesoa naheng ena.”+

  • Pesaleme 79:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 79 Molimo, lichaba li kene lefeng la hao;+

      Li silafalitse tempele ea hao e halalelang;+

      Li entse Jerusalema qubu ea lithako.+

  • Jeremia 26:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Mikea+ oa Moreshethe+ o ne a profeta matsatsing a Ezekiase morena oa Juda ’me a tsoela pele ho re ho sechaba sohle sa Juda, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela,+ ’me Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea Ntlo e tla ba libaka tse phahameng tsa moru.”’+

  • Ezekiele 24:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 ‘E-re ho ba ntlo ea Iseraele: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke silafatsa sehalalelo sa ka,+ boikakaso ba matla a lōna,+ ntho e lakatsehang mahlong a lōna+ le ntho e qeneheloang ke meea ea lōna, ’me bara ba lōna le barali ba lōna bao le ba siileng morao—ba tla oa ka sabole.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share