LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 78:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Ha baa lokela ho ba joaloka baholo-holo ba bona,+

      Moloko o manganga le o tletseng borabele,+

      Moloko o neng o sa lokisa lipelo tsa oona+

      Oo moea oa oona o neng o sa tšepahale ho Molimo.+

  • Pesaleme 81:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Kahoo ke ile ka ba tlohela hore ba tsamaee ka manganga a lipelo tsa bona;+

      Ba ile ba qala ho tsamaea ka merero ea bona.+

  • Pesaleme 95:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka lilemo tse mashome a mane ke ile ka ’na ka nyonya moloko oo,+

      Eaba ke re:

      “Ke batho ba lipelo li khelohileng,+

      Ha ba tsebe litsela tsa ka”;

  • Esaia 1:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Likhosana tsa hao li manganga ’me ke balekane ba masholu.+ E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e rata tjotjo+ ’me e lelekisa limpho.+ Ha li ahlolele moshanyana ea se nang ntate; esita le nyeoe ea mohlolohali ha e lumelloe hore e fihle ho tsona.+

  • Esaia 65:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Letsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho sechaba se manganga,+ se tsamaeang tseleng e seng molemo,+ se latelang menahano ea sona;+

  • Jeremia 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka nako eo ba tla bitsa Jerusalema terone ea Jehova;+ ’me lichaba tsohle li tla phuthehela+ ho eona lebitsong la Jehova Jerusalema,+ ’me ha li sa tla hlola li latela manganga a lipelo tsa tsona tse mpe.”+

  • Jeremia 11:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba tsamaea e mong le e mong ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe;+ kahoo ka tlisa holim ’a bona mantsoe ’ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe, empa ha baa ka ba a phetha.’”

  • Jeremia 18:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ba re: “Ha ho na thuso!+ Etsoe re tla latela menahano ea rōna, ’me e mong le e mong o tla phetha manganga a pelo ea hae e mpe.”+

  • Hosea 11:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Sechaba sa ka se na le tšekamelo ea ho se tšepahale ho ’na.+ Ba se bitsetsa holimo; ho hang ha ho le ea mong ea nyolohang ka tsela leha e le efe.

  • Diketso 7:51
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 51 “Banna ba manganga le ba sa bollang lipelong+ le litsebeng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang; joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba etsa, le lōna le etsa joalo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share