LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 4:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 le hore le se ke la phahamisetsa mahlo a lōna maholimong ’me ruri la bona letsatsi le khoeli le linaleli, makhotla ’ohle a maholimo, ao Jehova Molimo oa lōna a a abetseng lichaba tsohle tse tlas’a maholimo ’ohle,+ ’me la ekeha ’me la a inamela la a sebeletsa.+

  • Deuteronoma 17:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 a tsamaea ’me a rapela melimo e meng ’me a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa khoeli kapa makhotla ’ohle a maholimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang,+

  • 2 Marena 17:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ba ’na ba tlohela litaelo+ tsohle tsa Jehova Molimo oa bona ’me ba iketsetsa liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa, manamane+ a mabeli, ’me ba etsa palo e halalelang,+ eaba ba qala ho inamela makhotla ’ohle a maholimo+ le ho sebeletsa Baale;+

  • 2 Marena 21:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li sentse,+ eaba o emisetsa Baale lialetare ’me o etsa palo e halalelang, feela joalokaha Akabe+ morena oa Iseraele a ne a entse; a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ ’me a a sebeletsa.

  • Jeremia 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Na ho ka ba le ho utsoa,+ ho bolaea+ le ho feba+ le ho hlapanya ka bohata+ le ho etsetsa Baale+ mosi oa sehlabelo le ho latela melimo e meng eo le sa kang la e tseba,+

  • Jeremia 19:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba joaloka sebaka sa Tofethe,+ a sa hloekang, ke hore, matlo ’ohle ao marulelong a ’ona ba ileng ba etsetsa makhotla ’ohle a maholimo+ mosi oa sehlabelo ’me ba tšollela melimo e meng nyehelo ea seno.’”+

  • Sofonia 1:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 le ba inamelang makhotla a maholimo+ holim ’a marulelo, le ba inamang,+ ba etsetsang Jehova likano tse hlapanyelitsoeng+ le ba etsang likano tse hlapanyelitsoeng ka Malkame;+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share