LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 56:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke lintja tse nang le takatso e matla ea moea;+ ha ba khotsofale.+ Hape ke balisa ba sa tsebeng ho utloisisa.+ Kaofela ha bona ba retelehetse tseleng ea bona, e mong le e mong bakeng sa phaello ea hae ea ho hloka toka moeling oa hae:+

  • Jeremia 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “Etsoe ho tloha ho e monyenyane ho bona esita le ho isa ho e moholo ho bona, e mong le e mong o iketsetsa phaello ea ho hloka toka;+ ’me ho tloha ho moprofeta esita le ho isa ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana.+

  • Ezekiele 33:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ba tla tla ho uena, joalokaha ho tla sechaba, ba lule ka pel’a hao joaloka batho ba ka;+ ’me ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao empa ba ke ke ba a phetha,+ etsoe ba bolela litakatso tse feteletseng ka melomo ea bona ’me lipelo tsa bona li batla phaello ea ho hloka toka.+

  • Mikea 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba ka sehloohong ba hae ba ahlola feela bakeng sa tjotjo,+ le baprista ba hae ba rupela feela bakeng sa tefo,+ ’me baprofeta ba hae ba sebelisa bonohe bakeng sa chelete feela;+ empa leha ho le joalo ba ntse ba itšetleha ka Jehova, ba re: “Na Jehova ha a har’a rōna?+ Re ke ke ra oeloa ke tlokotsi.”

  • Tite 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Hoa hlokahala ho koala melomo ea bana, kaha banna bana ba tsoela pele ba senya malapa+ a feletseng ka ho ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta ka lebaka la leruo la ho se tšepahale.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share