12 Ha se itima lijo, ha ke mamele mohoo oa sona oa kōpo e tiileng;+ ’me ha se nyehela nyehelo e feletseng ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo, ha ke khahlisoe ke tsona;+ etsoe ke tla se felisa ka sabole le ka tlala le ka lefu la seoa.”+
18 Le ’na ke tla nka bohato ka khalefo.+ Leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko, kapa ke be le qenehelo.+ Ka sebele ba tla hoeletsa ka lentsoe le phahameng moo ke ntseng ke utloa, empa nke ke ka ba utloa.”+
4 Nakong eo ba tla hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso, empa a ke ke a ba araba.+ O tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo,+ ho ea kamoo ba entseng bobe kateng mesebetsing ea bona.+