LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 4:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Kannete u thetsitse sechaba sena+ le Jerusalema ka ho feletseng, ha u re, ‘Le tla ba le khotso,’+ ’me sabole e fihlile moeeng.”

  • Jeremia 5:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Baprofeta ba profeta leshano;+ ha e le baprista, ba qala ho busa ho ea ka matla a bona.+ Sechaba sa ka se ratile ha ho le joalo;+ ’me le tla etsa joang qetellong ea hona?”+

  • Jeremia 6:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ba leka ho folisa ho sithabela ha sechaba sa ka habobebe,+ ba re, ‘Khotso e teng! Khotso e teng!’ le hoja khotso e le sieo.+

  • Jeremia 23:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Nako le nako ba ntse ba re ho ba ntlhomphollang, ‘Jehova o boletse: “Le tla ba le khotso.”’+ Ho e mong le e mong ea tsamaeang ka manganga a pelo+ ea hae ba itse, ‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+

  • Jeremia 27:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “‘“‘Ha e le lōna, le se ke la mamela baprofeta+ ba lōna le linohe tsa lōna le balori+ ba lōna le maselamose a lōna le baloi ba lōna,+ ba reng ho lōna: “Le ke ke la sebeletsa morena oa Babylona.”+

  • Ezekiele 13:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 ka lebaka la hore, e, ka lebaka la hore ba khelositse sechaba sa ka, ba re, “Khotso e teng!” le hoja ho se khotso,+ ’me ho na le ea hahang lebota le arolang, empa ho na le ba le lilelang lefeela+ ka sesoeufatsi.’+

  • Mikea 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba ka sehloohong ba hae ba ahlola feela bakeng sa tjotjo,+ le baprista ba hae ba rupela feela bakeng sa tefo,+ ’me baprofeta ba hae ba sebelisa bonohe bakeng sa chelete feela;+ empa leha ho le joalo ba ntse ba itšetleha ka Jehova, ba re: “Na Jehova ha a har’a rōna?+ Re ke ke ra oeloa ke tlokotsi.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share