36 Jehova o tla u tsamaisa+ hammoho le morena+ oa hao eo u mo behileng hore a u okamele a u ise sechabeng seo u sa se tsebeng, uena kapa baholo-holo ba hao; moo u tla lokela ho sebeletsa melimo e meng, ea lehong le ea lejoe.+
15 Kahoo a isa Jojakine+ kholehong Babylona;+ ’me ’mè+ oa morena le basali ba morena le balaoli+ ba hae ba lekhotla le banna ba ka pele-pele ba naha a ba tsamaisa e le batho ba isitsoeng kholehong ho tloha Jerusalema ho ea Babylona.
7 Ba bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo+ a hae, ’me a foufatsa+ Tsedekia mahlo, ka mor’a moo a mo tlama ka litlamo tsa koporo a mo tlisa Babylona.+
7 ‘Ba bang ba bara ba hao ba tlang ho tsoa ho uena, bao u tla ba tsoala, ba tla nkoa+ ’me ba fetohe balaoli+ ba lekhotla ntlong ea ’muso ea morena oa Babylona.’”+
9 Joale ba tšoara morena ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona+ Ribla+ naheng ea Hamathe,+ e le hore a ka phatlalatsa liqeto tsa boahloli holim ’a hae.+
13 Ka sebele ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona, naheng ea Bakalde,+ empa a ke ke a e bona; ’me o tla shoela moo.+
3 Joale morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong+ a tlise ba bang ba bara ba Iseraele le bana ba lesika la borena le ba marena,+