25 Kahoo O ’nile a tšollela khalefo ea hae ho eona, bohale ba hae, le matla a ntoa.+ Ea ’na ea e timetsa ka hohle,+ empa ha ea ka ea ela hloko;+ ea ’na ea e tukela, empa ha ho letho leo e neng e le beha pelong.+
4 Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna,+ lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo, ’me ka sebele ea tuka hoo ho seng ea ka e timang, ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”+
20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena, molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+