LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 6:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Haeba moea o etsa sebe ka hore o itšoare ka ho se tšepahale ho Jehova+ ’me o thetsa+ oa habo oona ka ntho e taolong ea oona kapa peheletso e seatleng+ sa oona kapa ka tlatlapo kapa o etsetsa oa habo oona bolotsana,+

  • Esaia 1:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Likhosana tsa hao li manganga ’me ke balekane ba masholu.+ E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e rata tjotjo+ ’me e lelekisa limpho.+ Ha li ahlolele moshanyana ea se nang ntate; esita le nyeoe ea mohlolohali ha e lumelloe hore e fihle ho tsona.+

  • Jeremia 5:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “‘Etsoe har’a sechaba sa ka ho fumanoe batho ba khopo.+ Ba ntse ba nyarela, joaloka batšoasi ba linonyana ha ba khukhuna.+ Ba chehile sefi se senyang. Ba tšoasa batho.

  • Jeremia 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Na ho ka ba le ho utsoa,+ ho bolaea+ le ho feba+ le ho hlapanya ka bohata+ le ho etsetsa Baale+ mosi oa sehlabelo le ho latela melimo e meng eo le sa kang la e tseba,+

  • Jeremia 21:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Lōna ba ntlo ea Davida,+ sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoseng+ ho hong le ho hong le ahlole ka toka,+ ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana,+ e le hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo+ ’me ea tuka ’me ha se ke ha e-ba le ea ka e timang ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”’+

  • Mikea 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ba lakalitse masimo ebile ba a nkile;+ le matlo, ’me ba a nkile; ba etselitse monna ea shahlileng bolotsana le ba ntlo ea hae,+ monna le lefa la hae.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share