3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+
12 Ka sebele o tla hlahisetsa lichaba pontšo ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele;+ ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa lipheletsong tse ’nè tsa lefatše.+
18 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke bokella baholehuoa ba litente tsa Jakobo,+ ’me ke tla hauhela litabernakele tsa eona. Motse o tla tsosolosoa holim ’a tutulu ea oona;+ ’me tora ea bolulo e tla lula setšeng sa eona se loketseng.+
11 Ka sebele bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla phutheha bonngoeng+ ’me ba tla ipehela hlooho e le ’ngoe ’me ba nyolohe ho tsoa naheng,+ hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.