9 “‘Haeba ho e-na le motho leha e le ofe ea rohakang ntat’ae le ’m ’ae,+ ruri o lokela ho bolaoa.+ O rohakile ntat’ae le ’m ’ae. Mali a hae a holim ’a hae.+
37 Letsatsing leo u tsoang ka lona ’me u feta phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone,+ ruri u tsebe hore ka sebele u tla shoa.+ Molato oa mali bakeng sa hao o tla ba holim ’a hlooho ea hao.”+
19 Empa ha e le uena, haeba u lemositse ea khopo+ ’me a sa tlohele bokhopo ba hae le tsela ea hae e khopo, o tla shoa ka lebaka la phoso ea hae; empa ha e le uena, u tla be u lopolotse moea oa hao.+
6 Empa ka mor’a hore ba ’ne ba tsoele pele ho hanyetsa le ho nyefola,+ a hlohlora liaparo+ tsa hae eaba o re ho bona: “Mali+ a lōna a ke a be holim ’a lihlooho tsa lōna. Ke hloekile.+ Ho tloha joale ho ea pele ke tla ea ho batho ba lichaba.”+