LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 15:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Etlare ha ba ka re ho uena, ‘Re tla tsoela hokae?’ u tla boela u re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Mang kapa mang ea lokeloang ke lefu la seoa le bolaeang, a ee lefung la seoa le bolaeang! Mang kapa mang ea lokeloang ke sabole, a ee saboleng! Mang kapa mang ea lokeloang ke tlala, a ee tlaleng!+ ’Me mang kapa mang ea lokeloang ke kholeho, a ee kholehong!”’+

  • Jeremia 42:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Joale ka sebele le tsebe hore ka sabole,+ tlala le lefu la seoa le tla shoella sebakeng seo le thabelang ho kena ho sona hore le lule le le bajaki.”+

  • Ezekiele 5:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Karolo ea boraro ea hao—e tla shoa ka lefu la seoa,+ ’me e tla felisoa ke tlala ka hare ho uena.+ Karolo e ’ngoe ea boraro—e tla oa ka sabole ho u pota-pota ka hohle. Karolo ea boraro ea ho qetela ke tla e hasanyetsa moeeng o mong le o mong,+ ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a bona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share