4 Kahoo ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ka sebele o tla ba lelekisa ’me ke tla itlotlisa ka Faro le mabotho ’ohle a hae a sesole;+ ’me ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”+ Tumellanong le hoo ba fela ba etsa joalo.
19 Joale, Jehova Molimo oa rōna,+ ka kōpo, re pholose+ letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.”+
23 ‘Ka sebele ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo,+ le neng le ntse le hlompholloa har’a lichaba, leo le le hlompholotseng har’a tsona; ’me lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ha ke halaletsoa har’a lōna ka pel’a mahlo a tsona.+
21 “‘Ke tla beha khanya ea ka har’a lichaba; ’me lichaba tsohle li tla lokela ho bona kahlolo ea ka eo ke e phethisitseng+ le letsoho la ka leo ke le behileng har’a tsona.+