LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 30:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

  • Jeremia 44:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Ha e le ba phonyohang sabole, ba tla khutlela naheng ea Juda ba tsoa naheng ea Egepeta, ba fokola ka palo;+ ’me bohle ba masala a Juda, ba kenang naheng ea Egepeta hore ba lule teng e le bajaki, ka sebele ba tla tseba hore na ke lentsoe la mang le fetohang ’nete, le tsoang ho ’na kapa le tsoang ho bona.”’”+

  • Ezekiele 14:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Empa, bonang! ka sebele ho tla siuoa ho eona sehlopha sa ba phonyohileng, ba tlisoang.+ Bara le barali, ke bana! Ba ea ho lōna, ’me le tla lokela ho bona tsela ea bona le mesebetsi ea bona.+ Ka sebele le tla tšelisoa tlokotsing eo ke tla beng ke e tlisitse holim ’a Jerusalema, esita le ho sohle seo ke tla beng ke se tlisitse holim ’a eona.’”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share