13 Ka sebele ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona, naheng ea Bakalde,+ empa a ke ke a e bona; ’me o tla shoela moo.+
3 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke ale letlooa la ka holim ’a hao+ ke sebelisa phutheho ea lichaba tse ngata, ’me ka sebele li tla u tlisa ka letlooa la ka le huloang.+
12 “Tseleng leha e le efe eo ba eang ka eona, ke tla ala letlooa+ la ka holim ’a bona. Ke tla ba theola+ joaloka libōpuoa tse fofang tsa maholimo. Ke tla ba laea tumellanong le tlaleho ea phutheho+ ea bona.