LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 3:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta+ le ho se ntša naheng eo ho se isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ sebakeng sa Bakanana le Bahethe le Baamore le Bapereze le Baheve le Bajebuse.+

  • Deuteronoma 6:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U mamele, Uena Iseraele, ’me u ele hloko ho li phetha,+ e le hore lintho li u tsamaele hantle+ le hore u ngatafale haholo, feela joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba hao a u tšepisitse,+ mabapi le naha e phallang lebese le mahe a linotši.

  • Deuteronoma 8:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Etsoe Jehova Molimo oa hao o u tlisa naheng e ntle,+ naha ea liphula tsa melapo e phoroselang ea metsi, liliba le maliba a tsoang thoteng+ le sebakeng se lithaba,

  • Joshua 5:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Etsoe bara ba Iseraele ba ne ba tsamaile lilemo tse mashome a mane+ lefeelleng, ho fihlela sechaba sohle sa banna ba ntoa se tsoileng Egepeta se sa kang sa mamela lentsoe la Jehova se felile, seo Jehova a ileng a se hlapanyetsa hore le ka mohla o ne a ke ke a se lumella ho bona naha+ eo Jehova a neng a hlapanyelitse baholo-holo ba sona hore o tla re fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+

  • Jeremia 11:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ka morero oa ho phetha kano eo ke e hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna,+ ho ba fa naha e phallang lebese le mahe a linotši,+ joaloka letsatsing lena.’”’”

      Ka araba ’me ka re: “Amen, Jehova.”

  • Jeremia 32:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 “Ka mor’a nako ua se fa naha ena eo u ileng ua hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore u tla se fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share