LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 20:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “Ka ho hopola letsatsi la sabatha hore u le nke le halalela,+

  • Levitike 23:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “‘Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha ea phomolo e feletseng,+ ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi oa mofuta leha e le ofe. Ke sabatha ea Jehova libakeng tsohle tseo le lulang ho tsona.+

  • Levitike 23:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Khoeling ea bosupa,+ ka la pele la khoeli, le lokela ho ba le phomolo e feletseng, sehopotso se etsoang ka molumo oa terompeta,+ kopano e halalelang.+

  • Levitike 23:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Ke sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa lōna,+ ’me le hlorise+ meea ea lōna ka la borobong la khoeli ka shoalane. Le lokela ho boloka sabatha ea lōna ho tloha mantsiboea a mang ho isa ho a mang.”

  • Levitike 25:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Empa selemong sa bosupa ho lokela hore ho be le sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa naha,+ sabatha ea Jehova. U se ke ua jala peō tšimong ea hao, ’me u se ke ua faola serapa sa hao sa morara.

  • Levitike 25:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Selemo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile bakeng sa lōna.+ Le se ke la jala peō kapa la kotula litlhaku tse qhalaneng kapa la bokella merara ea lifate tsa morara tse sa faoloang.+

  • Deuteronoma 5:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “‘Boloka letsatsi la sabatha ho le nka le halalela, feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse,+

  • Nehemia 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ua ba tsebisa sabatha ea hao e halalelang,+ ’me ua ba laela litaelo le melao ea tsamaiso le molao u sebelisa mohlanka oa hao Moshe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share