9 E tla ba pontšo letsohong la hao ’me e be sehopotso pakeng tsa mahlo a hao,+ e le hore molao oa Jehova o ka ba molomong oa hao; hobane Jehova o u ntšitse Egepeta ka letsoho le matla.+
13 “Ha e le uena, bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haholo-holo le lokela ho boloka lisabatha tsa ka,+ etsoe ke pontšo pakeng tsa ka le lōna melokong ea lōna hore le tsebe hore ke ’na Jehova ea le halaletsang.+
2 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng,+ empa ka letsatsi la bosupa e tla ba ntho e halalelang ho lōna, sabatha ea phomolo e feletseng ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona o tla bolaoa.+